Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mo tsebisa tsohle tseo ba di entseng, le tseo ba di rutileng.
Luka 17:5 - BIBELE Baapostola ba re ho Morena: “Re ekeletse tumelo.” Sesotho 1909/1961 (SO) Baapostola ba re ho Morena: Totisa tumelo ya rona. Baasraak Sotho NT Baapostola ba re ho Morena: Ekeletsa tumelo ya rona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Baapostola ba re ho Morena: Ekeletsa tumelo ya rona. |
Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mo tsebisa tsohle tseo ba di entseng, le tseo ba di rutileng.
Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.
Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.