Ka lebaka lena, lepera la Naamane le tla o kgomarela, le kgomarele le ditloholo tsa hao kamehla yohle.” A tloha kapele ho Elisha e le molepera, a le mosweu jwaloka lehlwa.
Luka 17:12 - BIBELE Yare ha a kena motseng o mong, a kgahlana le banna ba balepera ba leshome. Ba ema hojana, Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha a kena motsaneng o mong, a kgahlana le banna ba leshome, e leng balepera, ba neng ba eme hojana. Baasraak Sotho NT Eitse ha a kena motsaneng o mong, a kgahlana le banna ba leshome ba lepera, ba eme hojana. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a kena motsaneng o mong, a kgahlana le banna ba leshome ba lepera, ba eme hojana. |
Ka lebaka lena, lepera la Naamane le tla o kgomarela, le kgomarele le ditloholo tsa hao kamehla yohle.” A tloha kapele ho Elisha e le molepera, a le mosweu jwaloka lehlwa.
Ho ne ho ena le banna ba bane, ba tshwerweng ke lepera, ba dutse kgorong ya motse. Banna bao ba buisana, ba re: “Na re tla dula moo ho fihlela re eshwa?
“Yaba Morena o re: ‘Busetsa letsoho la hao katlasa seaparo, sefubeng sa hao.’ A busetsa letsoho la hae katlasa seaparo, sefubeng sa hae, a ba a le ntsha, mme bonang, la tswa le se le fodile, le tshwana le pele.
Yaba Morena o re ho Moshe: “Haeba ntatae a ne a ka mo tshwela ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a ba dihlong ka matsatsi a supileng? Mo kwalle kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme kamora moo le mo tlise diahelong hape.”
“Empa molekgetho a ema hojana, a tshaba le ho tadima lehodimong, a itshwabela, a re: ‘Modimo, ako nkgauhele, nna moetsadibe.’
Yare ha Jesu a le ho o mong wa metse, monna ya tletseng lepera, ha a mmona, a itihela fatshe ka sefahleho, a mo kopa, a re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.”