Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”
Luka 17:10 - BIBELE Ka mokgwa oo le lona, ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, ereng: ‘Re bahlanka ba se nang thuso, re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Ka mokgwa o jwalo, le lona, etlare ha le entse ntho tsohle tseo le di laetsweng, le re: Re bahlanka ba se nang thuso, hobane re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa. Baasraak Sotho NT Ka mokgwa o jwalo le lona, etlare ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, le re: Re bahlanka ba se nang thuso; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka mokgwa o jwalo le lona, etlare ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, le re: Re bahlanka ba se nang thuso; |
Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”
Bohle re tshwana le motho, le motho ya sesila, ketso tsohle tsa rona tse lokileng di ka dikatana tse ditshila; bohle re omella sa lehlaku le omella, dibe tsa rona di re fefola sa moya ha o fefola.
Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.
Mohlanka enwa ya se nang thuso, mo lahleleng kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno!’ ”
bohle ba kgelohile, kaofela ha ba na thuso; ha ho ya etsang ho lokileng, leha a le mong.
yena eo pele e neng a se na thuso ho wena, empa jwale ya nang le thuso ho rona ba babedi.