Luka 16:16 - BIBELE “Ho bile le Molao le Baporofeta ho fihlela ho Johanne; ho tloha mohlang oo molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka dikgoka. Sesotho 1909/1961 (SO) Molao le baporofeta di ile tsa tiya ho fihlela ho Johanne; mme haesale mohlang oo, mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka matla. Baasraak Sotho NT Molao le baporofeta di bile teng ho fihlela ho Johanne; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Molao le baporofeta di bile teng ho fihlela ho Johanne; |
Se kenang ka molomo ha se silafatse motho, empa se tswang ka molomo ke sona se mo silafatsang.”
Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba ile ba mo dumela. Feela leha le bone, ha le a ka la ikwahlaya hamorao, la mo dumela.”
Ho tloha nakong eo, Jesu a qala ho ruta, a re: “Bakang, hobane Mmuso wa mahodimo o atametse!”
Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a teng, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Mmuso, a fodisa mafu le malwetse wohle setjhabeng.
Yare hoba Johanne a tshwarwe, Jesu a fihla Galelea, a phatlalatsa molaetsa o molemo wa Modimo,
Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle.
‘Le lerole la motse wa lona, le re kgomaretseng maotong, re le hlohlorela lona e le bopaki bo le qosang. Feela le tsebe hona, hore Mmuso wa Modimo o se o fihlile.’
“Aborahama a re ho yena: ‘Ha ba sa utlwe Moshe le Baporofeta, ha ba ka ke ba kgolwa leha e mong a ka tsoha bafung.’ ”
Filipi a fumana Nathanaele, mme a re ho yena: “Re fumane eo Moshe a ngotseng ka yena Molaong, le baporofeta ba ngotseng ka yena, e leng Jesu, mora Josefa wa Nasaretha.”
Ha re ka mo lesa jwaana, bohle ba tla dumela ho yena, mme Baroma ba tla tla, ba ripitle Tempele le setjhaba sa rona.”
Jwale Bafarisi ba buisana, ba re: “Na le a bona hore ha le thuse letho? Bonang, lefatshe lohle le mo setse morao!”
hobane ka nako tse ding lengeloi la Morena le ne le ye le theohele letshaneng, le fuduhe metsi, mme ya kenang pele kamora ho fuduhuwa ha metsi, o ne a fodiswa bohlokong bofe le bofe boo a ka bang le bona.
Empa tseo Modimo a di boletseng e sa le pele, ka melomo ya baporofeta bohle, hore Mesia wa hae o tla hlokofatswa, o di phethahaditse ka wona mokgwa ona.