Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.
Luka 15:9 - BIBELE Ha a e fumane, a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re: ‘Thabang le nna, hobane ke fumane drakema e neng e ntahlehetse!’ Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ha a e fumane, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re ho bona: Thabang le nna, hobane ke fumane drakema eo ke neng ke lahlehetswe ke yona. Baasraak Sotho NT Ere ha a e fumane, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re: Thabang le nna; hobane ke fumane sekotoana se neng se ntahlehetse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ere ha a e fumane, a bokelle metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re: Thabang le nna; hobane ke fumane sekotoana se neng se ntahlehetse. |
Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.
Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”
“Kapa ke ofe mosadi ya nang le didrakema tse leshome, eo ekareng ha a ka lahlehelwa ke drakema e le nngwe, a ke keng a hotetsa lebone, a fiela ntlo, a batla ka tlhokomelo, ho fihlela a e fumana?