Na nna ke thabela lefu la ya kgopo, ho ena le hore a furalle ditsela tsa hae, mme a phele? ho rialo Morena Modimo.
Luka 15:10 - BIBELE Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang. Baasraak Sotho NT Ke re ho lona: Ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke re ho lona: Ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang. |
Na nna ke thabela lefu la ya kgopo, ho ena le hore a furalle ditsela tsa hae, mme a phele? ho rialo Morena Modimo.
Bakang, mme le phele, hobane ha ho eo ke thabelang lefu la hae, ho rialo Morena Modimo.”
Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’
“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.
Ka mokgwa o jwalo, Ntata lona ya mahodimong ha a rate hore ho timele le ya mong wa ba banyenyane bana.”
“Hape ke a le bolella hore mang le mang ya mpakang pela batho, le Mora Motho o tla mo paka pela mangeloi a Modimo,
Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.”
Ha a e fumane, a bitse metswalle ya hae le ba ahisaneng le yena, a re: ‘Thabang le nna, hobane ke fumane drakema e neng e ntahlehetse!’
Ka baka leo, ke a o bolella: O tshwaretswe dibe tsa hae leha di le ngata, ka hona o bontshitse lerato le leholo; athe ya tshwaretsweng ho honyenyane o rata hanyenyane.”
Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”
Ho swaba ka mokgwa oo Modimo a o ratang ho hlahisa pako e se nang boikwahlayo, e isang pholohong; athe ho swaba ka mokgwa oo lefatshe le o ratang ho tlisa lefu.
Mohlomong Onesimose o ile a arohanngwa le wena ka nakwana, e le hore o tle o boele o be le yena kamehla.
Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?