Luka 14:1 - BIBELE Eitse ha Jesu a ile dijong tlung ya e mong wa batsamaisi ba Bafarisi ka Sabatha, ba mo disa. Sesotho 1909/1961 (SO) Ya na yare ha a kene, ka Sabatha, tlung ya e mong wa baholo ba bafarisi ho ja bohobe teng, ba mo ela hloko. Baasraak Sotho NT Eitse ha a kena tlung ya e mong wa ba baholo ba Bafarisi ka tsatsi la Sabatha, ho ya ja bohobe, batho ba mo disa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a kena tlung ya e mong wa ba baholo ba Bafarisi ka tsatsi la Sabatha, ho ya ja bohobe, batho ba mo disa. |
Dira tsa ka di tla mpua hampe, di re: “O tla shwa neng, lebitso la hae le tswe le fela?”
Lona bohle, le tla nne le pheelle ho rusolla motho ho fihlela neng, leha a se a le jwaloka lerako, rako le hlephileng, le motero o nyehlileng?
hobane kamehla o nahana theko ya tsona. O re ho wena: “Eja, o nwe,” feela pelo ya hae yona ha e rialo.
Ha ho le jwalo, motho o feta nku hakaakang ka bohlokwa! Ka baka leo, ho a dumelleha ho etsa ho molemo ka Sabatha.”
Yare ha Jesu a botswa ke Bafarisi hore na Mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: “Mmuso wa Modimo ha o tle ka mokgwa o bonwang;
Ba disa Jesu ka hloko, mme ba roma dihlwela tse iketsang e ka ke batho ba lokileng, hore di tle di mo tshware ka dipuo, di mo neele mmusisi.
Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba ne ba mo disitse hore na o tla fodisa ka Sabatha, hore ba tle ba fumane lebaka la ho mo qosa.
Empa Mofarisi e mong ya bitswang Gamaleele, eo e neng e le moruti wa Molao, ya hlonetjhwang ke setjhaba sohle, a ema hara lekgotla, a laela hore banna bao ba ntshetswe kantle ho se hokae.