Luka 13:16 - BIBELE Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?” Sesotho 1909/1961 (SO) Mme mosadi enwa, e leng moradi wa Abrahama, ya bofilweng ke Satane dilemo di se di le leshome le metso e robileng meno e le mmedi, o ne a sa tshwanele keng ho lokollwa tlamong eo ka letsatsi la Sabatha na? Baasraak Sotho NT A mosadi enwa, e leng moradi wa Abrahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, na o ne a sa tshwanela ho lokollwa ditlamong tseo ka tsatsi la Sabatha na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A mosadi enwa, e leng moradi wa Abrahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi, na o ne a sa tshwanela ho lokollwa ditlamong tseo ka tsatsi la Sabatha na? |
Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”
Yena a howa, a re: ‘Ntate Aborahama, ako nkutlwele bohloko! Roma Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a phodise leleme la ka, hobane mollo ona o tjhesa habohloko!’
Yaba Jesu o re: “Kajeno lelapa lena le fumane pholoho, kaha le yena e le mora wa Aborahama,
Behang ditholwana tse lokelang pako he, mme le se ke la qala ho re ka ho lona: ‘Re na le ntata rona, Aborahama,’ hobane ke a le bolella, ke re: Modimo a ka hlahisetsa Aborahama bana le ka majwe ana.
Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.
“Banna ba heso, bana ba Aborahama, le lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la pholoho le rometswe ho rona,
ba hlaphohelwe, mme ba phonyohe lerabeng la Diabolosi ya ba tshwasitseng hore ba etse thato ya hae.