Luka 12:41 - BIBELE Jwale Petrose a re: “Morena, na setshwantshong see o bua ka rona, kapa o bua ka bohle?” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Petrose o re ho yena: Morena, setshwantsho seo hleka o se bolella rona feela kapa u se bolella le bohle na? Baasraak Sotho NT Petrose a re ho yena: Morena, papiso ee a o e bolella rona, kapa o e bolella bohle na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a re ho yena: Morena, papiso ee a o e bolella rona, kapa o e bolella bohle na? |
A tla, a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose: “Simone, o robetse? Na o sitilwe ho fadimeha hora e le nngwe?
“Empa mohlanka eo ya tsebileng thato ya monga hae, yaba ha a lokise leha e le ho etsa ho ya ka thato eo, o tla shapuwa haholo;
athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.”
Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.