Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.
Luka 12:16 - BIBELE Jwale a ba bolella setshwantsho, a re: “Tshimo ya morui e mong e ne e behile haholo. Sesotho 1909/1961 (SO) A ba bolella le setshwantsho, a re: Masimo a morui a ne a beile haholo. Baasraak Sotho NT A bua le bona ka setshwantsho, a re: Tshimo ya morui e mong e ne e beha haholo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A bua le bona ka setshwantsho, a re: Tshimo ya morui e mong e ne e beha haholo. |
Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.
“ ‘Bona mona he, sena e bile sona sebe sa moena wa hao Sodoma: Yena le baradi ba hae ba ne ba ikgohomosa, ba pesotse dimpa, ba phela ka boiketlo, ba sa thuse bafumanehi kapa bahloki.
O na sa tsebe hore mofani ke nna, mofani wa koro le veine le ole, ya mo fileng silefera le kgauta e ngata, eo ba sebeleditseng Baale ka yona.
Empa peo e nngwe ya wela mobung o motle, mme ya beha: E nngwe tse lekgolo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse mashome a mararo.
hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.
A re ho bona: “Hlokomelang, le pheme meharo yohle, hobane bophelo ba motho ha bo tswe bongateng ba maruo ao a nang le wona.”
A nahana ka pelong ya hae, a re: ‘Ke tla etsang, ha e le moo ke se na moo nka bokellelang dijo tsa ka teng?’
Leha ho le jwalo, ha a a ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, ka ho le fa pula e tswang lehodimong le kotulo ka nako ya yona, ho le kgorisa, le ho nyakalatsa dipelo tsa lona.”