Luka 10:41 - BIBELE Morena a mo araba, a re: “Maretha, Maretha, o a itshwenya, mme o ikgathatsa ka tse ngata, Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jesu a araba, a re ho yena: Maretha, Maretha, o belaela, o ikgathatsa ka tse ngata; Baasraak Sotho NT Jesu a araba, a re ho yena: Maretha, Maretha, o itshwenya, o tshwenyehile ka tse ngata; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a araba, a re ho yena: Maretha, Maretha, o itshwenya, o tshwenyehile ka tse ngata; |
empa dikgathatso tsa mehla ya jwale, le thetso ya maruo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di ye di tle di bipetse lentswe, le nyope.
Yare ha ba ntse ba eya, Jesu a kena motseng o mong; yaba mosadi e mong ya bitswang Maretha o a mo amohela.
Empa Maretha o ne a tshwarehile ke mosebetsi o mongata; jwale a atamela, a re: “Morena, na ha o tsotelle ha ngwaneso a ntlohela ke sebetsa ke le mong? Ako re ho yena a nthuse hle!”
A re ho barutuwa: “Ka baka leo, ke a le bolella, le se ke la itshwenya ka bophelo ba lona, hore na le tla jang, leha e le ka mmele ya lona, hore na le tla aparang,
“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,
E wetseng meutlweng, ke ba utlwang, mme kgabareng ba bipetswe ke dikgathatso, maruo le menyaka ya bophelo, mme ha ba fihle ho butsweng.
Jwale ho ne ho ena le monna ya kulang, Lasaro wa Bethania, motseng wa habo Maria le ngwanabo, Maretha.
Ba mo etsetsa dijo teng, Maretha a ba fepa, mme Lasaro e ne e le e mong wa ba nang le yena dijong.
Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.