Lea a re: “Nna ke lehlohonolo. Basadi ba tla mpitsa ya lehlohonolo!” Yaba o mo rea lebitso la Ashere.
Luka 1:48 - BIBELE hobane o ile a tadima ho eiseha ha lekgabunyane la hae. Bonang, ho tloha jwale meloko yohle e tla re nna ke lehlohonolo, Sesotho 1909/1961 (SO) hobane o tadimile bofutsana ba lekgabunyane la hae; mme jwale, meloko yohle e tla re, ke lehlohonolo, Baasraak Sotho NT Hobane o tadimile ho ikokobetsa ha lekgabunyane la hae; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane o tadimile ho ikokobetsa ha lekgabunyane la hae; |
Lea a re: “Nna ke lehlohonolo. Basadi ba tla mpitsa ya lehlohonolo!” Yaba o mo rea lebitso la Ashere.
“Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng hore o tlo ba mmusi wa setjhaba sa ka sa Baiseraele.
Ha Morena a tsosa marako a Sione, o tla bonahatsa tlotla ya hae, a e bonahatse ho yona.
Ke yena ya ileng a re hopola ha re ne re kokobeditswe; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
Leha Morena a phahame hakaalo, o bona ba eisehang; ba ikgantshang o ba tseba ba sa le hole.
Lebitso la hae le se ke la lebalwa, le se ke la lebalwa le ka mohla, le hopolwe ha letsatsi le ntse le tjhaba. Ditjhaba tsohle di ke di hlohonolofale, di hlohonolofale ka baka la hae, merabe yohle e mmitse ya lehlohonolo.
Ntho tsena tsohle di entswe ke nna, ka di etsa, mme jwale di teng,” ho rialo Morena. “Ya tjena ke yena eo ke mo ratang: Ya ikokobeditseng, ya moya o robehileng, ya thothomelang ha a utlwa lentswe la ka.
“Ditjhaba tsohle di tla re le lehlohonolo hobane naha ya lona e tla kgahleha haholo,” ho rialo Morena wa mabotho.
A bua ka lentswe le phahameng, a re: “O lehlohonolo hara basadi, ho lehlohonolo le tholwana ya popelo ya hao!
Ho lehlohonolo wena ya dumetseng, hobane ditaba tseo o di boleletsweng ke Morena di tla phethahala.”
Eitse ha Jesu a bolela taba tseo, mosadi e mong hara letshwele a phahamisa lentswe, a re ho yena: “Ho lehlohonolo popelo e ileng ya o emola le matswele ao o ileng wa a anya!”
A etsa kano, a re: “Oho, Morena wa mabotho, haeba ruri o ka tadima matshwenyeho a lekgabunyane la hao, mme wa nkgopola, wa se ke wa lebala lekgabunyane la hao, wa mpa wa le fa ngwana wa moshanyana, ke tla mo abela Morena ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, mme hlooho ya hae e ke ke ya beolwa.”
Mafutsana o a nyolla a le leroleng, bahloki o ba nyolla ba le moraheng, o ba dudisa mmoho le mahosana, terone ya tlotla e be lefa la bona; hoba tshiya tsa lefatshe ke tsa Morena, o theile lefatshe hodima tsona.