Luka 1:47 - BIBELE “Pelo ya ka e tlotlisa Morena, moya wa ka o nyakalletse Modimo, Mopholosi wa ka; Sesotho 1909/1961 (SO) moya wa ka o inyakalletse ho Modimo, Mmoloki wa me; Baasraak Sotho NT Mme moya wa ka o ithabela ho Modimo, Mopholosi wa ka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme moya wa ka o ithabela ho Modimo, Mopholosi wa ka. |
Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.
Nna Paulosi, maopostola wa Kreste Jesu, ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona, le ya Jesu Kreste, tshepo ya rona,
Ka nako ya teng a senola molaetsa wa hae, oo ke tshepetsweng ho o phatlalatsa ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona.
a se ke a ba utswetsa. Empa a bontshe hore a tshepahala kannete, kamehla, hore a tle a etse hore thuto ya Modimo, Mopholosi wa rona, e kgahlehe dinthong tsohle.
re ntse re lebeletse lehlohonolo leo re le tshepisitsweng le ponahalo ya tlotla ya Modimo e Moholo, Jesu Kreste, Mopholosi wa rona.
ho Modimo ya inotshi, Mopholosi wa rona ka Jesu Kreste, Morena wa rona, e be tlotla, le boholo, le matla, le borena, tseo a bileng le tsona pele ho dinako, le jwale, le kamehla yohle. A ho be jwalo!