Yaba Maria o re: “Ke lekgabunyane la Morena; a ho be jwalo ho nna ho ya ka polelo ya hao!” Yaba lengeloi le tloha ho yena.
Luka 1:39 - BIBELE Jwale matsatsing ao Maria a tloha, a phakisa a ya naheng e maloti, motseng o mong wa Judea. Sesotho 1909/1961 (SO) Matsatsing wona ao, Maria a tloha, a phakisa a ya maloting, motseng o mong wa Juda. Baasraak Sotho NT Mme Maria a tloha mehleng eo, a phakisa a ya thabeng, motseng wa Juda; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme Maria a tloha mehleng eo, a phakisa a ya thabeng, motseng wa Juda; |
Yaba Maria o re: “Ke lekgabunyane la Morena; a ho be jwalo ho nna ho ya ka polelo ya hao!” Yaba lengeloi le tloha ho yena.
Tshabo ya wela bohle ba ahisaneng le yena, mme ditaba tseo kaofela tsa buuwa naheng yohle e maloti, ya Judea,
Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.
Jwale Galelea, naheng e maralla ya Nafthali ba kgetha Kedeshe; naheng e maralla ya Efraime ba kgetha Shekeme, mme naheng e maralla ya Juda ba kgetha Motse wa Areba, e leng Heborone.