Luka 1:36 - BIBELE Bona, mong ka wena, Elisabetha le yena o emotse mora botsofading ba hae, mme kgwedi ena ke ya botshelela ho ya neng a bitswa nyopa, Sesotho 1909/1961 (SO) Mme bona, Elisabetha, motswalao, le yena o emere mora botsofading ba hae; kgwedi ena e se e le ya botshelela ya ya neng a bitswa nyopa. Baasraak Sotho NT Bona, Elisabetha, motswalao, le yena o emere mora botsofading ba hae, mme kgwedi ena e se e le ya botshelela ya hae, ya bitswang nyopa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bona, Elisabetha, motswalao, le yena o emere mora botsofading ba hae, mme kgwedi ena e se e le ya botshelela ya hae, ya bitswang nyopa. |
Sarai, mosadi wa Aborame, o ne a sa ka a mo tswalla bana, empa o ne a ena le lekgoba la mosadi eo e leng Moegepeta, le bitswang Hagare.
Aborahama le Sara ba ne ba se ba hodile, ditshiu di ile, mme Sara o ne a se a sa kgelohe.
Sara a ithwala, a tswalla Aborahama mora boqhekung ba hae, ka nako eo Modimo a neng a buile ho yena ka yona.
Empa mosadi eo a ithwala, mme ka yona nako eo, ka selemo se hlahlamang, a beleha mora, jwalokaha Elisha a ne a ile a mmolella.
Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.
Mehleng ya Heroda, kgosi ya Judea, ho ne ho ena le moprista e mong ya bitswang Sakariya, wa sehlopha sa Abiya, mohatsa hae e le e mong wa baradi ba Arone, lebitso la hae e le Elisabetha.
Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.