Isaka a rapella mosadi wa hae ho Morena, hobane e ne e le nyopa, mme Morena a utlwa thapelo ya hae, Rebeka mosadi wa hae ya eba moimana.
Luka 1:25 - BIBELE “Morena o entse jwalo ho nna mohla a kgahlilweng ho tlosa sekgobo sa ka hara batho.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ke sona seo Morena a nketseditseng sona, mohla a ntekotseng ho tlosa sekgobo sa ka hara batho. Baasraak Sotho NT Morena o nkentse jwalo mehleng eo a nchebileng ka yona, ho tlosa sekgobo sa ka hara batho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Morena o nkentse jwalo mehleng eo a nchebileng ka yona, ho tlosa sekgobo sa ka hara batho. |
Isaka a rapella mosadi wa hae ho Morena, hobane e ne e le nyopa, mme Morena a utlwa thapelo ya hae, Rebeka mosadi wa hae ya eba moimana.
Morena Modimo o tla fedisa lefu, le felle ruri, a hlakole meokgo fahlehong tsa batho bohle, a tlose dihlong tjhabeng sa hae fatsheng lohle, hobane Morena o buile jwalo.
Matsatsing ao basadi ba supileng ba tla tshwara monna a le mong, ba re ho yena: “Re tla iphepa, re ikapese, ha feela re ka bitswa ka wena, e le hore sekgobo sa hore ha re a nyalwa se tle se tlohe.”
Empa lengeloi la re ho yena: “Se tshabe, Sakariya, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mohatsa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.
Kamora matsatsi ao Elisabetha, mohatsa hae, a emola, a ipata ka dikgwedi tse hlano, a re:
Ka tumelo le yena Sara, eo e neng e le nyopa, o ile a fuwa matla a ho ba le ngwana, leha a ne a se a tsofetse haholo, hobane o ile a tshepa botshepehi ba ya mo tshepisitseng.
A boela a re ho ntatae: “Nketsetse ntho ena e le nngwe feela: Ntumelle ke be mong feela ka dikgwedi tse pedi, ke tsamaye le thaka tsa ka ke yo lelera hara dithaba, ke llele hore ke tla shwa ke le morwetsana.”
Mohaditsong wa hae o ne a mo utlwisa bohloko ka ho mo soma, hobane Morena a mo timme thari.