La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 1:19 - BIBELE

Lengeloi la mo araba, la re: “Ke nna Gabariele, ya emang kapele ho Modimo, mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella molaetsa ona o molemo.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Lengeloi la araba, la re ho yena: Nna ke Gabriele, ya emang pela Modimo; ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella ditaba tsena tse monate.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Lengeloi la araba, la re ho yena: Ke nna Gabriele, ya emang pela Modimo; mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella Evangeli ena.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Lengeloi la araba, la re ho yena: Ke nna Gabriele, ya emang pela Modimo; mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella Evangeli ena.

Ver Capítulo



Luka 1:19
8 Referencias Cruzadas  

Ka utlwa lentswe la ya howeletsang a le kahara noka ya Ulai, le re: “Gabariele! Hlalosetsa monna eo pono ena!”


“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.


Bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua ho fihlela letsatsi leo ditaba tsena di tla etsahala ka lona, hobane ha o a ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla phethahala ka nako ya tsona.”


Ka kgwedi ya botshelela, lengeloi Gabariele la rongwa ke Modimo motseng wa Galelea o bitswang Nasaretha,


Lengeloi la re ho bona: “Se tshabeng. Bonang, ke le bolella molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, eo e tla ba ya batho bohle.


Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.”


Erekaha re ena le Moprista e Moholo, ya hlompehang, ya keneng lehodimong, e leng Jesu, Mora wa Modimo, a re boleleng tumelo ya rona re tiile.