“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.
Luka 1:15 - BIBELE hobane o tla ba moholo pela Morena; ha a ka ke a nwa veine leha e le seno se tahang, mme o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane o tla ba moholo pela Morena, ha a ka ke a nwa veine le seno se tahang; o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae. Baasraak Sotho NT Hobane o tla ba moholo mahlong a Morena, mme a ke ke a nwa veine kapa seno se tahang; mme o tla tlala Moya o Halalelang ho tloha popelong ya mmae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane o tla ba moholo mahlong a Morena, mme a ke ke a nwa veine kapa seno se tahang; mme o tla tlala Moya o Halalelang ho tloha popelong ya mmae. |
“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.
Empa ntatae a hana, a re: “Ke a tseba, ngwana ka, ke a tseba; le yena e tla ba setjhaba, mme le yena o tla ba moholo. Leha ho le jwalo, moena hae o tla ba moholo ho mo feta, mme bana ba hae e tla ba ditjhabatjhaba.”
Ke bile le wena hohle moo o nnileng wa tsamaya teng, ka timetsa dira tsa hao tsohle. Ke tumisitse lebitso la hao jwaloka mabitso a banna ba tumileng ba teng mona lefatsheng.
Maruo le hlompho di tswa ho wena, tsohle di buswa ke wena; tsoho la hao le matla, le sefea, ho phahamisa le ho matlafatsa bohle.
“Ke o tsebile ke eso o bope ka popelong ya mmao, ka ba ka o halaletsa o eso tswalwe, ka o kgethela ho ba moporofeta wa ditjhaba.”
Empa bona ba re: “Re ke ke ra nwa veine, hobane ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, o ne a re laele, a re: ‘Lona le bana ba lona le se ke la nwa veine le ka mohla!
“Ha le kena ka Tenteng ya Morena, wena, le bara ba hao, le se ke la nwa veine kapa jwala, esere la shwa. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona.
Morena wa mabotho o tla ba sireletsa, dira tsa bona ba tla di timetsa, ba di hlole ka majwe a matjeketjane. Madi a tsona ba tla a nwa sa veine, ba sasamatse dimpa sa lefiswana le tletse, ba a kganathele sa manaka a aletare.
“Ke a le bolella, hara ba tswetsweng ke basadi ha ho ya fetang Johanne ka boholo, empa e monyenyane Mmusong wa Modimo o mo feta ka boholo.”
“Etswe Johanne Mokolobetsi o ile a tla a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: ‘O na le modemona.’
Yena e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ile la rata ho nyakalla leseding la hae nakwana.
Bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o neng o ba buisa kateng.
Empa yare ha ya nkgethileng ke sa le popelong ya mme, ya mpitsitseng ka mohau wa hae, a kgahlwa
Morena a re ho Joshua: “Ka letsatsi lena ke tla qala ho o hodisa moo Baiseraele bohle ba bonang, ba tle ba tsebe hore ke tla ba le wena jwalokaha ke ile ka ba le Moshe.
Ka letsatsi leo, Morena a hodisa Joshua moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona; ba mo tshaba ka matsatsi wohle a bophelo ba bona, jwalokaha ba ne ba tshaba Moshe.