mme mohla a kenang ka lebaleng le kahare la Sehalalelo ho ya sebeletsa, o tla iketsetsa nyehelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.
Levitike 5:3 - BIBELE “ ‘Ha motho a ama motho ya sesila, e ka ba sesila sa mofuta ofe le ofe se mo silafaditseng, mme a sa tsebe, ha a elellwa o tla ba molato. Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha motho a ama ntho efe le efe e ditshila ya motho e mong, leha a sa ka a tseba, ha a qala ho tseba, eba o molato. |
mme mohla a kenang ka lebaleng le kahare la Sehalalelo ho ya sebeletsa, o tla iketsetsa nyehelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.
Moprista o tla hlahloba lefu lena le mmeleng wa motho eo. Ha a bona hore mohwete o sweufetse, mme setlapedi sena se phobetse, hoo kelefu la lepera. Ha moprista a se a mo hlahlobile o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila.
“ ‘Ha motho a ama ntho e sa hlwekang, leha e se ka morero, e ka ba sefifi sa phoofolo, kapa sefifi sa kgomo, kapa sefifi sa sehahabi se sa hlwekang, kapa ntho eo a sa e bonang, mme eba o a silafala, o tla ba molato.
“ ‘Ha motho a hlapanyetsa bobe kapa botle a sa imamela hantle, e ka ba eng kapa eng eo a e hlapanyetsang, feela a sa tsebe, ha a elellwa o tla ba molato wa e nngwe ya dintho tsena.
Hape, ha motho a ama ntho efe le efe e silafetseng, ebang ke motho ya silafetseng, kapa phoofolo, kapa ntho efe le efe e kgesehang, mme eba o ja sehlabelo sa nyehelo ya teboho, e etseditsweng Morena, motho eo le yena o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”
Tsohle tseo motho enwa ya sesila a di amang, di tla ba sesila; le ya di amang o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.”