O tla etsa jwalo le ka dikgomo tsa hao, le ka dinku tsa hao; matsibolo a tla nyanya ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi o tla nkgethela wona.
Levitike 12:3 - BIBELE Ka letsatsi la borobedi ngwana o tla bolotswa ka ho pongwa leeko. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ngwana o tla bolotswa, ho pongwe nama ya ntlha ya pejana ya hae. |
O tla etsa jwalo le ka dikgomo tsa hao, le ka dinku tsa hao; matsibolo a tla nyanya ka matsatsi a supileng, mme ka letsatsi la borobedi o tla nkgethela wona.
Jwale mosadi enwa o tla dula matsatsi a mashome a mararo a itlhwekisa lehatlelo la hae; a se ke a ama letho le halalelang, leha e le ho kena ka Sehalalelong, ho fihlela matsatsi a ho itlhwekisa ha hae a fela.
Ha a ntse a ena le lero, sesila sa hae e tla ba sena: botona ba hae bo ka qhitsa lero, kapa bo ka thibana ke lero, o ntse a le sesila.
Ka letsatsi la borobedi, ba tla bolotsa ngwana, mme ba re ba mo reella ntatae, Sakariya.
Ha matsatsi a robedi a hore ngwana a bolotswe a fetile, a rewa lebitso la Jesu, leo a neng a le rewe ke lengeloi a eso emolwe.
Batho ba bang ba neng ba theoha Judea ba ne ba ruta badumedi, ba re: “Ha le sa bolotswe ka moetlo wa Moshe, le ke ke la pholoswa.”
Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.
Seo ke se bolelang ke sena: Molao o ileng wa etswa kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa etsolla selekane se ananetsweng pele ke Modimo, mme wa nyopisa tshepiso.
Ke paka hape hore mang le mang ya bollang o tlamehile ho phetha Molao wa Moshe kaofela.
Morena Modimo wa lona, o tla bolotsa dipelo tsa lona, le dipelo tsa bana ba lona hore le rate Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona tsohle, le ka maikutlo a lona wohle, e le hore le tle le phele.
Ke ile ka bolotswa ha ke le matsatsi a robedi. Ke Moiseraele ka tswalo, wa leloko la Benjamine, ke Moheberu wa mmakgonthe. Ka nqeng ya Molao ke Mofarisi;
Hape ho yena le boloditswe ka lebollo leo e seng la batho, empa leo e leng lebollo la Kreste, le le lokollang matleng a mmele ona wa botho.