Jobo 9:3 - BIBELE Haeba motho a ka phea kgang le Modimo, Modimo a ka mmotsa potso di le sekete, motho a pallwa ke ho araba leha e le nngwe. Sesotho 1909/1961 (SO) Le hoja a ka rata ho tseka le wona, a ke ke a ikarabella tabeng e le nngwe ho tse sekete. |
Ke se nkile ka bua, nke ke ka hlola ke araba; ke ile ka bua habedi, nke ke ka bua ho feta moo.”
Leha eba ke se molato, ke tsuwa ke molomo wa ka, leha eba ke se na kodi, wona o tla nthwesa molato.
Morena, o se ke wa ntima lerato la hao, mohau wa hao le nnete ya hao di nne di mpoloke ka mehla yohle.
Motho towe, o mang wena o ka arabisanang le Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: “Keng ha o mpopile tjee?”
Haeba matswalo a rona a re qosa, re a tseba hore Modimo o moholo ho feta matswalo a rona, mme o tseba tsohle.