Empa jwale ngwana o shwele; nka itima dijo ka lebaka lefe? Na nka boela ka mo kgutlisa? Ke nna ya tla ya ho yena, empa yena a ke ke a tla ho nna.”
Jobo 7:9 - BIBELE Jwalokaha maru a fefoha, a nyamele, ya theohelang Nqalong ya Bafu a ke ke a nyoloha; Sesotho 1909/1961 (SO) Maru a qhalane, a iketse; ho jwalo le ya theohelang nqalong ya bafu: ha a na ho kgutla teng; |
Empa jwale ngwana o shwele; nka itima dijo ka lebaka lefe? Na nka boela ka mo kgutlisa? Ke nna ya tla ya ho yena, empa yena a ke ke a tla ho nna.”
Bohle re tlameha ho shwa. Re jwaloka metsi a qhaletsweng fatshe, a ke keng a hlola a bokellwa. Le yena Modimo ha a furalle batho, empa o etsa matsapa a hore ya lelekilweng ke batho a se ke a lahlwa ke Modimo.
Matshabeho wohle a nkwetse hodimo, a ntlositse seriti ka ho panya ha ntshi, maruo a ka a fedile sa mouwane.
Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe, o se hane ho mamela sello sa ka. Ke mojaki naheng ya hao, ke mofeti jwaloka bo-ntate.
Ba shwele, ba ke ke ba hlola ba phela, ba mabitleng, ba ke ke ba hlola ba tsoha; o ba otlile, wa ba wa ba timetsa, wa etsa hore ba se hlole ba hopoleha.
Ka ba ka re: “Ha ke sa tla bona Morena fatsheng la ba phelang, le motho ha ke sa tla mmona hara baahi ba lefatshe.