Yare ha Ragele a bona hore ha a tswalle Jakobo bana, a honohela ngwanabo, mme a re ho Jakobo: “Mphe bana, ho seng jwalo ke tla shwa!”
Jobo 5:2 - BIBELE Sethoto se bolawa ke ho komakoma ha sona, sehlohwane sona se bolawa ke mona. Sesotho 1909/1961 (SO) Athe bohale bo bolaya lehlanya, mme lewatla le bolawa ke mona. |
Yare ha Ragele a bona hore ha a tswalle Jakobo bana, a honohela ngwanabo, mme a re ho Jakobo: “Mphe bana, ho seng jwalo ke tla shwa!”
Empa Onane o ne a tseba hore bana bao ha e na ho ba bana ba hae; kahoo ha a ne a kena dikobong tsa mosadi wa ngwanabo, o ne a ye a e tjhomolele, esere a tswalla ngwanabo bana.
Kgalefo ya hao e o entse maharola! O re fatshe le furallwe ka baka la hao? Mafika a suthiswe tulong tsa wona?
Ba bang ba thotofatswa ke metsamao ya bona e kgopo, ba hlokofatswa ka baka la melato ya bona,
Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ka pelong sethoto se re: “Ha ho na Modimo.” Diketso tsa batho di bodile, di a nyonyeha, ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.
Leha lefatshe le ka thothomela le bohle ba ahileng ho lona, ke nna ya tiisitseng ditshiya tsa lona.
Ya bolokang ditaelo o baballa bophelo ba hae, ya sa hlokomeleng metsamao ya hae o tla shwa.
“Efraime ke leebanakgorwana, leebanakgorwana le sethoto, o ipiletsa ho Egepeta, a nto ya ho Asiria.
Empa Modimo a botsa Jonase, a re: “Na ke hantle ha o kgenne ka baka la sefate see?” Jonase a mo araba, a re: “E, ke hantle, ebile ke kgenne hoo nka nnang ka shwa.”
Empa ba ithatang bobona, ba sa lateleng nnete, ba mpang ba latela bokgopo, ba tla putswa ka kgalefo le bohale.
Ba bang ba bona ba kgukgunela malapa a batho, ba ikgapela basatsana ba sesang hara dibe, ba kgannwang ke ditakatso tsa mefutafuta,