Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.’ ”
Jobo 4:9 - BIBELE Ha Modimo a halefa ba a timela, fefo sa kgalefo ya hae se ba fedise. Sesotho 1909/1961 (SO) ba fediswa ke pudulo ya Modimo, ba timetswa ke phefumoloho ya kgalefo ya wona. |
Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.’ ”
Hanghang ha fihla sefefo se matla, se etswa lehwatateng. Sa diha dihuku tse nne tsa ntlo, ya buramela hodima bona, mme ba eshwa. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”
A ke ke be a phonyoha lefifing, lakabe le tla tjhesa mahlaku a hae, kgalefo ya Modimo e mo timetse!
O ile wa fokisa moya wa hao, lewatle la ba kwahela, ba teba jwaloka loto metsing a tshabehang.
Ka moya o tswang nkong tsa hao metsi a bokellana, metsi a phallang a ema jwaloka lerako, madiba a tuduana botebong ba lewatle.
empa mafutsana o tla a ahlolela ka toka, ba ikokobeditseng ba naha ena a ba sebeletse ka toka, polelo tsa hae e be thupa e otlang naha ena, kahlolo tsa hae di timetse ba kgopo.
Kgale setjhesetso se lokiseditswe kgosi, se batsi, se bile se tebile; jwang le dihotetso di entse pokella, ho phefumoloha ha Morena ho kang nokana ya sebabole, ho tla se hotetsa se laime malakabe.
Jwang bo a pona, palesa di foforehe, ha moya wa Morena o fokela ho tsona. Ruri batho ba jwaloka jwang.
hore Ya Kgopo a tle a senolehe. Jwale Morena Jesu o tla mo fedisa ka ho mo budula ka molomo feela, mme a mo timetse ka kganya eo a tla tla ka yona.
Baka he! Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena kapele, mme ke tla ba lwantsha ka sabole e tswang ka molomong wa ka.