Jobo 4:4 - BIBELE Polelo tsa hao di tsheheditse ba kgoptjwang, wa matlafatsa mangwele a rerekela. Sesotho 1909/1961 (SO) lentswe la hao le emisitse ba kgothometsehang, mme o tiisitse mangole a tetemang. |
Ke ne ke le morena, ke ba supisa tsela, ke phela jwaloka kgosi hara mabotho a yona, jwaloka ya tshedisang ba apereng bofifi.”
Polelo tsa ya phasolohang di hlaba jwaloka sabole, leleme la ya bohlale lona le a fodisa.
Morena Modimo o nneile leleme la barutehi, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ba tepeletseng. Hoseng ho hong le ho hong o a ntsosa, a etse hore ke hlwaye tsebe, ke mamele jwaloka morutuwa.
Kgosi ya pudufallwa, ya tshwenyeha haholo maikutlong; letheka la yona la kgwehla, le mangwele a yona a otlana.
Empa jwale le tshwanela ho mo tshwarela le ho mo tshedisa, esere a sithabetswa ke maswabi a maholo.
Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle.
Ka baka leo, phahamisang matsoho a lona a kgathetseng, le matlafatse mangwele a lona a rerekelang.