Jobo 4:2 - BIBELE “Ebe o tla teneha ha motho a buisana le wena? Empa ke mang ya ka tshwarang leme la hae? Sesotho 1909/1961 (SO) Ha re leka ho bua le wena na o tla utlwa bohloko? Empa ya ka itshwarang ke mang, hore a se ke a bua? |
Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka Morena, ha ke sa tla hlola ke bolela bitso la hae,” ka pelong ya ka ntswe la hae ke malakabe, ke mollo o tukang kahara masapo a ka, ke se ke kgathetse ke ho hlola ke o bipile, ho o mamella le hona ho a ntshita.
Le nna ke bipeditswe ke kgalefo ya Morena, ke se ke kgathetse ke ho e thibela. “E hlatsetse hodima bana, bana bana ba diterateng, hodima bahlankana, bahlankana bana ba kgobokaneng; monna le mosadi ba tla thoptjwa bobedi, ho thopuwe raputswe le ya seng a kgokgoba.