Jobo 4:1 - BIBELE Jwale Elefase ya tswang Temana a araba, a re: Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Elifase wa Themane o fetola, a re: |
Ha metswalle e meraro ya Jobo, e leng Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, e utlwela tsena tsohle tse bohloko tse mo hlahetseng, ya mo etela; motho ka mong a etswa hahabo. Banna bana ba ne ba dumellane hore ba tle mmoho, ho tla lla le yena, le ho mo tshedisa.
“Ebe o tla teneha ha motho a buisana le wena? Empa ke mang ya ka tshwarang leme la hae?
Yaba bo-Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng, mme Morena a ananela thapelo ya Jobo.
Malebana le Baedomo Morena o bua tjena: “Na ebe Temana ha ho sa na bohlale? Na ba bohlale ha ba sa na dikeletso? Na bohlale ba bona bo se bo fedile?