Jobo 3:9 - BIBELE Naledi di se ke tsa phatsima, bo batle lesedi, bo se le fumane, bo se ke ba bona ha tsatsi le tjhaba, Sesotho 1909/1961 (SO) A dinaledi tsa mafube a jona di fifale! A bo hlolohelwe lesedi, mme le se ke la hlaha, bo se ke ba bona dintshi tsa mafube a meso! |
Ha ke ne ke lebeletse molemo, ka tlelwa ke bobe; ha ke ne ke lebeletse lesedi, ka tlelwa ke lefifi.
Ha ho na ya sebete se lekaneng ho e qholotsa; ebe jwale ke ofe ya ka thulanang le nna, Modimo?
Ha e thimola, ka nkong tsa yona ho tswa lesedi; mahlo a yona eka mahlasedi ha mafube a hlaha.
Tlotlisang Morena, Morena Modimo wa lona, mo tlotliseng a eso tlise lefifi, maoto a lona a eso kgothometsehe, a kgothometseha hodima thaba tse lefifi. Lona le lebeletse lesedi, Morena o tla le fetola fifi le letsholetsho, a le fetole fifi la bo-nka-ntjana!
Re ne re lebeletse kgotso, empa ha re a fumana molemo; ra lebella nako ya ho fodiswa, empa ra tlelwa ke ditsietsi.