Jobo 3:3 - BIBELE “Tsatsi la tswalo ya ka le ke le timele, le bosiu boo ka bona ho neng ho thwe: ‘Ho emotswe ngwana moshanyana!’ Sesotho 1909/1961 (SO) Ho timele letsatsi leo ke tswetsweng ka lona, le bosiu boo ho itsweng: Ngwana e motona o emotswe. |
Tsatsi leo le ke le fetohe lefifi, Modimo ya hodimo a le lebale, sedi le se hlole le le tjhabela hape.
Ke madimabe hakaakang, mme, ha o ila wa mpeleha, wa mpelehela hore ke be motho wa diqabang, motho wa meferefere hara lefatshe lohle! Ha ke a ka ka adima kapa ka adimana, empa e mong le e mong o a nthohaka.