Jobo 16:3 - BIBELE Na o sa tla kgaotsa ho shwahla mafeela? Sesosa sa nganga ya hao ke sefe? Sesotho 1909/1961 (SO) Dipolelo tsa lefeela na di fedile na? Kapa se o arabisang hathata jwalo keng? |
Tsena tsohle le lona ka mahlo le di bone; ke ka baka lang ha le ntse le bua mafeelafeelane?
Ha ho ya ileng a tseba ho mo araba, mme ho tloha tsatsing leo ha ho ya kileng a ba sebete ho mmotsa hape.
Eka kgona ba jwalo ba kgutsiswe, hobane ba qhala malapa ka ho ruta tse sa tshwanelang, hore ba ithuise ka mano.
O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.
Hona ho ne ho etsahala ka selemo se seng le se seng. Kamehla ha ba nyolohela Tempeleng ya Morena, Peninna o ne a ye a utlwise Anna bohloko, ka baka leo a lle, a se ke a je.