Jobo 13:3 - BIBELE Ke lakatsa ho bua le Ya Matla wohle, ho ipiletsa ho Modimo ke ho tjhesehela haholo. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa nka rata ho bua le Ya matla wohle, nka lakatsa ho kena tsekong le Modimo; |
Haeba a mpolaya ke tla nne ke mo tshepe, ke tla buella metsamao ya ka thaka di tadimane.
“Ekaba ke mang ya tla mmamela! Bonang, mongolo wa ka ke ona! Ya Matla wohle a ke a nkarabe, moqosi wa ka a ngolle nna moqosuwa qoso!
Haeba motho a ka phea kgang le Modimo, Modimo a ka mmotsa potso di le sekete, motho a pallwa ke ho araba leha e le nngwe.
“Ritelang nyewe ya lona, lona medingwana,” ho rialo Morena. “Bolelang mabaka a lona,” ho rialo Kgosi ya Jakobo.
Lona dithaba, mamelang qoso ya Morena; lona metheo ya lefatshe, sekehang tsebe. Lona metheo e tiileng sekehang tsebe. Morena o qosa setjhaba sa hae, Morena o tsekisana le Baiseraele.