Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe.
Jobo 11:3 - BIBELE O re batho ba kgutsiswe ke ho berabera ha hao? Ere o soma, o se kgalemelwe ke motho? Sesotho 1909/1961 (SO) Na taba tsa hao tsa lefeela di tla kgutsisa banna na? Na o tla nne o some, ho se ya o hlabisang dihlong? |
Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe.
“Haeba ho se jwalo, nka shanofatswa ke mang? Ke mang ya ka reng polelo tsa ka ke tsa bosawana?”
Ha ke eso ka ke dula mokgatlong wa basomi, ha ke eso ka ke ithabisa le bona; ke ituletse ke le inotshi ka baka la matla a hao, hobane o entse hore ke halefe haholo.
Haeba e mong a sa mamele seo re se bolelang lengolong lena, mo hlokomeleng, mme le se ikamahanye le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.
O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.
Ba itse ho lona: “Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona tse kgopo.”