Jobo 11:2 - BIBELE “Puo tse ngatangata tsee ha di lokele ho arajwa? Ebe motho wa lehehle yena o nepa kamehla? Sesotho 1909/1961 (SO) Bongata bo bokalo ba mantswe na bo ka hloka phetolo na? Motho ya lehehle na o tla re, o lokile na? |
Morena a ba nesetse mashala a tukang, a ba dihele mohohlong oo ba ke keng ba tswa ho wona.
Ya buang haholo sebe se teng polelong tsa hae, ya sa buabueng yena ke motho ya bohlale.
Ha o eya ka tlung ya Modimo, hlokomela mehato ya hao. Atamela haufi, o mamele, ho ena le ho ya etsa nyehelo ya mahlabelo jwaloka dithoto tse sa tsebeng hore di etsa sebe.
Jwale bahlalefi ba bang ba Baepikure le ba Basetoike ba ngangisana le yena, mme ba bang ba re: “Ekaba moberaberi eo o rata ho reng?” Ba bang bona ba re: “E ka ka ke mmuelli wa medimo esele,” hobane o ne a bolela molaetsa o molemo wa Jesu le wa tsoho ya bafu.
Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,