Jobo 10:3 - BIBELE O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo? Sesotho 1909/1961 (SO) Na o ka thaba ka ho nketsa hampe, hore o be o lahle mosebetsi wa matsoho a hao, mme o kganyetse merero ya ba babe na? |
Feela katleho ya bona ha e laolwe ke bona; nna ke thoko le dikeletso, keletso tsa ba kgopo.
Empa ke ka yena matlo a bona a tletseng menono, kahoo nna ke hole le keletso tsa ba kgopo.
“Ka Modimo ya phelang, ya nkamohileng toka, ka Ya Matla wohle, mohlokofatsi wa moya wa ka;
Ha ke re Mmopi wa ka ke Mmopi wa bona? Ha ke re ke yena ya re bopileng maleng a bo-mma rona?
Lefatshe le matsohong a ba kgopo, o kwahela baahlodi ba lona ka lesira mahlong; haeba e se yena, ebe jwale ke mang?
Tsebang hore Morena ke Modimo, o re bopile, mme re ba hae; re setjhaba sa hae, mohlape wa makgulo a hae.
Morena o tla phetha seo a ntheretseng sona. Morena, mohau wa hao ke wa kamehla yohle; o se lahle mosebetsi wa diatla tsa hao.
Leha ho le jwalo, Morena, wena o ntata rona; rona re letsopa, wena o sebopi, bohle re mosebetsi wa matsoho a hao.
Ha ho le jwalo he, ba hlokofatswang ho ya ka thato ya Modimo ba ipee paballong ya Mmopi ya tshepahalang, ka ho etsa tse ntle.