Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”
Jobo 10:1 - BIBELE “Bophelo bona ba ka bo ntenne, kahoo ke tla boledisa tsa ka dipelaelo, ke bue moya wa ka o tubehile. Sesotho 1909/1961 (SO) Pelo ya ka e kgobohelwa ke bophelo ba ka; ha ho le jwalo, e ka kgona ke neele ho dumaduma ha ka sebaka, ke bolele bohloko ba moya wa ka. |
Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”
“Eka o ka be o mpata Nqalong ya Bafu, o nketsa bofihla, kgalefo ya hao e be e fete! Eka o ka be o mpalla nako, eo ka yona o tlang ho nkgopola!
Nakong ya sekoboto o tla o namolela lefung, nakong ya dintwa sabole a e thithibanye bohale.
Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa, ke tla bua pelo ya ka e tshwenyehile, ke ipelaetse pelo ya ka e ngongorehile.
Bophelo bona ba ka bo ntenne, nke ke ka phela kamehla yohle; ako ntese, matsatsi a ka ke mouwane!
Empa jwale ke tla reng? O buile ho nna, sena se entswe ke yena, ke tla ikokobetsa ka lemo tsohle ha ke ntse ke phela, le hoja pelo ya ka yona e le bohloko.
Bohloko ba pelo ya ka bo fetohile pholoho, rato la hao le mphemisitse lemena la timelo, o furaletse dibe tsohle tsa ka.
Ka baka leo, oho, Morena, mpe o mpolaye, hobane ho molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”
Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”
Haeba o nketsa tjena, hlo mpolaye hona jwale, ke a o rapela, haeba o nkgauhetse, e le hore ke se ke ka bona bomadimabe ba ka.”