bara ba Modimo ba bona hore baradi ba batho ba batle, mme ba inkela basadi kamoo ba ka kgahlwang kateng.
Jobo 1:6 - BIBELE Ka letsatsi le leng mangeloi a Modimo a tla ho Morena, mme Satane le yena a tla le wona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi le leng, bara ba Modimo ba tla ho itlhahisa pela Jehova, mme Satane a kena hara bona. |
bara ba Modimo ba bona hore baradi ba batho ba batle, mme ba inkela basadi kamoo ba ka kgahlwang kateng.
Ka yona nako eo, le kamora moo, diqhobane tsa eba teng lefatsheng, ha bara ba Modimo ba bokana le baradi ba batho, ba tswala bana le bona. Bana bao ke tsona dinatla tsa boholoholo tse tumileng haholo.
Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae, ka letsohong la hae le letona le ka ho le letshehadi.
Jwale moya o mong wa tswa hara lebotho la Morena, wa bua, wa re: ‘Ke nna ya tla mo qhekanyetsa!’ “Morena a re ho wona: ‘Jwang?’
Ka letsatsi le leng hape mangeloi a Modimo a tla kapele ho Morena, mme Satane le yena a tla le wona kapele ho Morena.
Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe. Le hoja o ile wa nkgothaletsa hore ke mo senyetse ntle ho lebaka, o ntse a tshepahala haholo.”
Bokang Morena, lona mangeloi a hae, lona bahale ba phethang taelo tsa hae, ba mamelang seo a se bolelang.
Kgosi ya re: “Bonang! Ke bona banna ba bane ba tlamolotsweng, ba ntseng ba itsamaela hara mollo, empa ba sa tjhe. Sebopeho sa monna wa bone se tshwana le sa modimo!”
Morena a mpontsha Joshua, Moprista e Moholo, a eme kapele ho lengeloi la Morena, le Satane a eme ka letsohong le letona la Joshua, a itokisetsa ho mo qosa.
“Hlokomelang hore le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana, hobane ke a le bolella: Mangeloi a bona a lehodimong, a bona sefahleho sa Ntate ya mahodimong kamehla.
Jesu a ba araba, a re: “Na lona ba leshome le metso e mmedi ha ke a le kgetha na? Athe e mong ho lona ke Diabolosi!”