Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”
Jobo 1:10 - BIBELE Ha ke re ke hobane wena o mo hahetse lerakonyana le mo sireletsang, mmoho le ba lelapa la hae, le tsohle tseo a nang le tsona? O atlehisitse mosebetsi wa matsoho a hae, mme naheng yohle ho tletse mehlape ya hae! Sesotho 1909/1961 (SO) Na ha o a ka wa mo sireletsa, yena le ntlo ya hae, le tsohle tsa hae, ka nqa tsohle na? Na ha o a ka wa atlisa mosebetsi wa matsoho a hae, le ho atisa mehlape ya hae lefatsheng na? |
Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”
Isaka a lema naheng eo, mme ka sona selemo seo a kotula halekgolo. Morena a mo hlohonolofatsa,
Pele ke fihla o ne o ena le dintho tse seng kae, empa jwale di eketsehile, ke mehlapehadi, mme Morena o o hlohonolofaditse ka tsohle, hohle moo ke neng ke eya teng. Jwale nna ke tla sebeletsa lelapa la ka neng?”
Ka mokgwa o jwalo Jakobo a rua ka ho fetisisa, mme a ba le mehlape e mengata, le makgabunyane, le bahlanka, le dikamele, le ditonki.
Ho tloha ka nako eo monga hae a neng a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le wa tsohle tseo a nang le tsona, Morena a hlohonolofatsa lelapa la Moegepeta eo, ka baka la Josefa; mahlohonolo a Morena a ba hodima tsohle tseo a nang le tsona, lapeng le masimong.
Modimo wa ntatao a ke a o thuse, yena Ya Matla wohle a ke a o hlohonolofatse, ka mahlohonolo a tswang hodimo, lehodimong, ka mahlohonolo a tswang madibeng katlasa lefatshe, ka mahlohonolo a ho tswala le ho nyantsha.
O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.
Yaba Morena o hlohonolofatsa dilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba Jobo ho feta dilemo tsa pele. A ba le dikgutshwane tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse dikete tse pedi, le ditonki tse tshehadi tse sekete.
Motho wa batho ha a ipiletsa ho Morena, Morena o a mo utlwa, o mo pholosa matshwenyehong wohle a hae.
Empa bohle ba tshabelang ho wena ba ke ba thabe, bao o ba sireletsang ba se kgaotse ho etsa ditlatse, bohle ba ratang lebitso la hao ba o nyakallele.
Morena Modimo wa rona a ke a be mosa ho rona, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona, e, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona.
A e kgatha, a hleka majwe ho yona, ho yona a lema morara o motlemotle, a haha kalana bohareng ba yona, a ba a e tjhekela setlhotlelo, a lebella hore e behe morara o monate, empa ya beha morara wa hlahlaane.
Ke tla le bolella seo ke tla se etsa, ke se etse tshimong ya ka ya morara: Motero wa yona ke tla o tlosa e fetohe lekgulo, mabota a yona ke a heletse, a hatakelwe ka maoto.
Nna ka sebele ke tla e kopela kamahohle, ke be lerako la mollo,’ ho rialo Morena, ‘ke be tlotla kahara yona.’
Morena wa mabotho, yena ya ileng a ntlotlisa, a ba a nthoma ho baditjhaba ba ileng ba le tlatlapa, o re: “Ya le amang o thetsa thaka ya leihlo la ka.
Ako hlohonolofatse maruo a hae, Morena, mesebetsi ya hae o e amohele o nyakaletse. Kgahlola diholoholo tsa bamohloi, dira tsa hae di se hlole di ema hape.’
Leaho la hao ke Modimo wa mehla yohle, matsoho a mehla yohle a o tshehetsa; a phaladisa sera kapele ho wena, a o laela hore o se timetse.
O tla le rata, a le hlohonolofatse, a le ngatafatse. O tla hlohonolofatsa bana ba lona, le ditholwana tsa masimo a lona, le koro ya lona, le veine ya lona e ntjha, le ole ya lona. O tla ngatafatsa makgomo a lona, le mehlape ya lona e tla tswala mmoella, naheng eo a hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla le nea yona.
Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.