Yaba o bua le bana babo, le bahlabani ba lebotho la Samaria, o re: “Bajuda baa ba fokolang, ba etsang? Na ba rata ho tsosa lerako lee? Na ba batla ho etsa mahlabelo? Na mosebetsi oo ba tla o qeta ka letsatsi? Na ba tla tsetolla majwe a tjheletseng qubung ee ya lesupi?”
Pesalema ya Asafo. Morena, baditjhaba ba kene, ba kene hara lefa la hao, ba silafaditse Tempele, Tempele ya hao e halalelang, ba fetotse Jerusalema lesupi.
Mafiritshwane a tla ngaya ka qhobosheaneng tsa hao, phokojwe di ngaye ka matlung a hao a bokgosi. Nako ya timelo ya Babilona e atametse, matsatsi a yona a ke ke a lelefatswa.
Wena o fetotse motse qubu ya majwe, motse o haheleditsweng wa o fetola lesupi, motse wa bokgosi wa baditjhaba ha e sa le motse, le ho tsoswa o ke ke wa hlola o tsoswa.
Matlo a bokgosi a tla mela meutlwa, qhobosheane di melelle bobatsi le hlabahlabane. naha eo e tla fetoha hae la diphokojwe, e be moo dimpshe di phelang teng.
Ke nna ya phethahatsang polelo tsa mohlanka wa ka, ya phethisang merero ya baromuwa ba ka, ya reng ho Jerusalema: ‘O tla ba le baahi!’ ya reng ho metse ya Juda: ‘Le tla hahuwa!’ ho dithako tsa yona: ‘Ke tla le tsosa!’
Ke kgatheng la ho mema ditjhaba, tjhaba tsohle tsa mebuso, mebuso e ka leboya,” ho rialo Morena. “Kgosi tsa bona di tla emisa terone tsa tsona, di di emise kapela dikgoro tsa Jerusalema; di tla di emisa ho potapota marako, di di emise metseng yohle ya Juda.
“Etlare ha o bolella setjhaba sena dintho tsena tsohle, se o botse, se re: ‘Ke hobaneng ha Morena a re reretse koduwa e kgolo hakaale? Re entse bokgopo bofe? Sebe seo re sitetsweng Morena Modimo wa rona ka sona, ke sefe?’
e leng tse Jerusalema le metseng ya Juda le dikgosi tsa yona, le mahosana a yona, hore di tle di fetohe nanaola, setsoto, sekgobo le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno;
“Mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda, Mmika wa Moreshete a na a porofeta, a bolella setjhaba sohle sa Juda, a re: ‘Morena wa mabotho o bua tjena: “ ‘Sione e tla lengwa jwalokaha eka ke tshimo, Jerusalema yona e fetohe diqubu tsa majwe, leralla leo Tempele e hahilweng hodima lona le fetohe tututswana e aparetsweng ke moru.’
Ke ka baka lang ha o porofeta ka lebitso la Morena, o re: ‘Tempele ena e tla tshwana le Shilo, motse ona o tla fetoha lesupi, o hloke baahi?’ ” Yaba setjhaba sohle se bokanela Jeremia ka Tempeleng ya Morena.
Bonang, ho rialo Morena, ke tla ba laela, ke be ke etse hore ba kgutlele motseng ona. Ba tla o futuhela, ba o hape, ba be ba o tjhese ka mollo. Ke tla etsa hore metse ya Juda e be lehwatata le se nang baahi.”
“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le bone koduwa e kgolo eo ke e dihetseng hodima Jerusalema le metse yohle ya Juda. Kajeno le a bona hore e fetohile lesupi, mme ha ho motho ya ahileng ho yona.
Tsela tsa Sione di se di le bodutu, hoba ha ho ya tlang meketeng e halalelang. Kgoro tsa Sione tsohle ha di na batho, baprista ba yona ba qetwa ke mefehelo, barwetsana ba yona ba matshwenyehong. Sione e tlokotsing tse bohloko haholo.
Morena o timeditse diahelo tsa Jakobo, a di timetsa kaofela, mohau a se na wona; qhobosheane tsa Moradi wa Juda a di ripitla, a di ripitla, kgalefo ya hae e ntse e tlokoma; mmuso wa teng a o tlontlolla, a o tlontlolla le babusi ba wona.
“Ka baka leo, Samaria ke tla e fetola lesupi, dirapa tsa morara di lengwe teng; majwe a yona ke tla a akgela ka kgohlong, metheo ya yona e sale poyaneng.
Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”
Mobu o tla fetoha sebabole le letswai, naha yohle e be letswatlare le tjheleng, le sa jalwang, le sa beheng, le se nang jwang, jwalokaha ho ne ho timetswa Sodoma le Gomora, le Adema le Seboime, tseo Morena a neng a di timetse ha a halefile, a le bohalehale.
La howa ka lentswe le matla, la re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo! E fetohile leaho la bademona, setshabelo sa meya yohle e ditshila, le sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse hloyehang.