Morena o bua tjena: “Emang mateanong a ditsela le qamake, le botse: ‘Tsela ya kgale, e lokileng, e kae?’ Tsamayang ka yona, mme le tla fumana phomolo. Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra e tsamaya!’
Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.
o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao, eo o e neileng setjhaba sa hao hore e be lefa la sona, o e nesetse pula.
“Moprista e Moholo Amariya, ke yena ya tla le okamela ditabeng tsohle tsa Morena. Sebadiya, mora wa Ishemaele, mmusi wa setjhaba sa Juda, o tla le okamela ditabeng tsohle tsa kgosi, mme Balevi e tla ba basebeletsi ba lona. Sebetsang ka sebete, mme Morena a ke a thuse ba lokileng.”
O kile a bua le sona, a re: “Ke tla le fa phomolo ya sebele, ba kgathetseng ba tlo phomola; ke tla fela ke le kgatholle.” Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba mamela.
Leha le ka kgelohela ka tsohong le letona kapa ka ho le letshehadi, le tla utlwa lentswe le le nyenyeletsa, le re: “Ena ke yona tsela, tsamayang ka yona.”
Haeba ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, mme ba hlapanya ka lebitso la ka, jwalokaha ba ile ba ruta setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ ba tla tsitsa hara setjhaba sa ka.
Empa tjhaba sa ka se ile sa ntebala, sa tjhesa mokubetso, sa o tjhesetsa medimo ya bohata; medimo ena e entse hore se be se kgoptjwe, se kgoptjwe ha se tsamaya tseleng tsa sona, ha se tsamaya tseleng tsa boholoholo; ya se hlahlathedisa tseleng tse kathoko, tse sa batallang, tse tletseng makukuno.
Kgaotsa ho tsamaya, oto le se fellwe ke meqathatso, mmetso wa hao o se omelle ke lenyora. Empa wena o itse: ‘Tjhe, ha ho na thuso! Nna ke ithatela medimo, medimo ya baditjhaba, mme ke tlameha hore ke e sale morao!’ ”
Ka na ka bua le wena ha o no sa atlehile, yaba wena o re: ‘Nke ke be ka o mamela!’ Bona ke boitshwaro ba hao ho tloha botjheng ba hao, hore lentswe la ka o se ke wa le mamela.
“Iketsetseng matshwao a tsela, le itlhomele mekolokotwane, le hlokomele mmila oo le tsamayang ho wona. Kgutla, wena morwetsana, Iseraele, kgutlela metseng eo e leng ya heno.
Ba tla botsa tsela e yang Sione, fahleho tsa bona di tadime tseleng eo. Ba tla tla, ba ineele Morena, ba etse selekane sa kamehla yohle, selekane se ke keng sa hlola se lebalwa.
Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate.
Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela; ba nnile ba latela mehopolo ya bona le ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, tse kgopo, ba kgutlela morao, ba se ke ba ya pele.
Jesu a re ho bona: “Lesedi le sa na le lona ka nakwana. Tsamayang ha le sa ntse le ena le lesedi, esere mohlomong lefifi la le tshwara. Ya tsamayang lefifing ha a tsebe moo a yang teng.
Bao ba ne ba ena le maikutlo a matle ho feta ba Thesalonika, ba amohela lentswe la Modimo ka thahasello yohle, ba fuputsa Mangolong ka letsatsi le leng le le leng ho bona hore na ditaba tseo di jwalo.
Hape ke ntata ba bolotseng, e seng feela hobane ba bolotse, empa e le hobane ba latela mehlala ya tumelo eo ntata rona Aborahama a bileng le yona a eso bolle.
Empa ha ba a ka ba mamela le baahlodi bao ba bona, hobane ba nnile ba kgeloha, ba latela medimo e meng, ba e kgumamela. Kapelepele ba kgeloha tsela eo bo-ntata bona ba neng ba tsamaya ho yona, ba hlompha molao wa Morena, empa bona ha ba a ka ba etsa jwalo.