Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko.
Jeremia 5:13 - BIBELE Baporofeta bona ke moya feela, ha ba na molaetsa o tswang ho Morena; a ba ke ba timele ke hona!” Sesotho 1909/1961 (SO) haele baporofeta, ke moya feela, lentswe la Jehova ha le yo ho bona; ba ke ba etswe jwalo hle. |
Empa ba soma maqosa ao a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa hae, ba bapala ka baporofeta ba hae, ho fihlela kgalefo ya Morena e ba tlokomela hoo ho neng ho se ho se pheko.
Bonang, medingwana eo ke ya bohata! Mesebetsi ya yona ke ya lefeela, medingwana ya bona ke lefeela le kang moya!”
Yaba ke re: “Ao! Morena Modimo, ako bone! Ke baporofeta ba ntseng ba re ho sona: ‘Le ke ke la bona sabole kapa la bolawa ke sekoboto. Ruri ke tla le nea kgotso ya kamehla yohle sebakeng sena.’ ”
Ka baka lena, Morena o bua tjena ka baporofeta bana ba porofetang ka lebitso la hae: “Ha ke eso ka ke ba roma, empa bona ba re: ‘Ha ho na ho ba le sabole kapa sekoboto naheng ena.’ Baporofeta bao ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto.
Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”
Moya o tla fefola badisa ba hao bohle, baratuwa ba hao bohle ba tla thopuwa. Ruri o tla hlajwa ke dihlong, o tlontlolohe, o tsielehe ka baka la bokgopo ba hao bohle.
Ho eso fete dilemo tse pedi, thepa yohle ya Tempele ya Morena, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e nke mona, a e isa Babilona, ke tla e kgutlisetsa hape sebakeng sena.
bo-Asariya, mora wa Hoshaya, le Johanane, mora wa Karea, le banna bohle ba ikakasang, ba re ho Jeremia: “O bua leshano! Morena Modimo wa rona, ha a ya o roma hore o re: ‘Le se ke la ya jaka Egepeta!’
A se a fihlile matsatsi a kahlolo! A se a fihlile matsatsi a phetetso! Sena Iseraele o tla se tseba! Le re: “Moporofeta enwa ke sethoto! Ya susumetswang ke moya yena ke lehlanya!” Hoba bokgopo ba lona bo totile, le bora ba lona bo totile hakaalo!