sa nonyana e tshwaswa ke raba le tjhehilwe, e sa tsebe hore jwale e ya lefung, ho fihlela ha motsu o e phunya sebete.
Jeremia 48:16 - BIBELE “Ho wa ha Moabe ho se ho le haufi, koduwa ya yona e tla fihla e potlakile. Sesotho 1909/1961 (SO) Tsietsi ya Moabe e se e ya tla kapele, kotsi ya hae e a akofa le ho akofa. |
sa nonyana e tshwaswa ke raba le tjhehilwe, e sa tsebe hore jwale e ya lefung, ho fihlela ha motsu o e phunya sebete.
Mafiritshwane a tla ngaya ka qhobosheaneng tsa hao, phokojwe di ngaye ka matlung a hao a bokgosi. Nako ya timelo ya Babilona e atametse, matsatsi a yona a ke ke a lelefatswa.
Yaba Morena o re ho nna: “O bona hantle, hobane ke fadimehetse hore lentswe la ka le phethahatswe.”
Ka baka leo, ba bolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Puo ena ke tla e fedisa, mme ha e sa tla hlola e buuwa naheng ena ya Iseraele.’ Empa ba bolelle, o re: ‘Matsatsi a atametse ao ka wona pono e nngwe le e nngwe e tla phethahatswa.
“Ka baka leo, ere ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mantswe a ka a ke ke a hlola a thisiswa, empa tseo ke di bolelang di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.’ ”
Phetetso le puseletso ke tsa ka, mohla maoto a bona a kgetshemelang; tsatsi la tlokotsi ya bona le atametse, timelo ya bona e potlakile.
Ka baka la meharo ya bona ba tla le hanyapetsa ka dipolelo tseo ba iqapetseng tsona. E se e le kgale moahlodi wa bona a ba emetse, mme motimetsi wa bona ha a kgalehe.