Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho a neng a ntse a le hara naha, ba tla ho Gedaleya, motseng wa Misepa, ba re ho yena:
Jeremia 42:8 - BIBELE Yaba Jeremia o bitsa Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho ba neng ba ena le yena, le batho bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o bitsa Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla ba neng ba le ho yena, le setjhaba kaofela, ba banyenyane le baholo; |
Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho a neng a ntse a le hara naha, ba tla ho Gedaleya, motseng wa Misepa, ba re ho yena:
yaba ba tla ho Gedaleya, motseng wa Misepa, e le bo-Ishemaele, mora wa Netaniya, le Johanane le Jonathane, bara ba Karea, le Seraya, mora wa Tanehumete, le bara ba Efai ya tswang Netofa, le Jesaniya, mora wa Maaka, ba ena le bahlabani ba bona.
Yaba balaodi bohle ba mabotho le Johanane, mora wa Karea, le Jesaniya, mora wa Hoshaya, le batho bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang, ba a atamela,
A re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, eo le nthommeng ho yena ho ya le buella, o bua tjena: