Ke boletse tsa ho loka ha hao, ka di bolela phuthehong e kgolo; wena Morena, o a tseba, ha ke a ka ka kgutsa.
Jeremia 42:4 - BIBELE Moporofeta Jeremia a re ho bona: “Ke le mametse; bonang, ke tla rapela Morena Modimo wa lona, ho ya kamoo le kopileng kateng, mme ke tla le bolella tsohle tseo Morena a tla di bua, ke sa le patele letho.” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba moporofeta Jeremia o ba bolella, a re: Ke a utlwa; bonang, ke tla le rapella ho Jehova, Modimo wa lona, ka mantswe a lona, mme ke tla le tsebisa lentswe le leng le le leng leo Jehova a tla le araba ka lona; nke ke ka le lobela letho. |
Ke boletse tsa ho loka ha hao, ka di bolela phuthehong e kgolo; wena Morena, o a tseba, ha ke a ka ka kgutsa.
Moshe a re: “Jwale ke se ke tla tloha ho wena, ho ya rapela Morena, mme hosasane diboba di tla tloha ho Faro, le ho bahlanka ba hae, le ho setjhaba sa hae; feela Faro a kgaotse ho nna a re thetsa, a hana ho lokolla setjhaba ho ya etsetsa Morena sehlabelo.”
Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena.
Kahoo motho ka mong o tla re ho mohahabo, kapa motho ka mong a re ho ngwanabo: ‘Karabo ya Morena ke efe? Morena o itseng?’
“Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela.
O se bolelle mantswe a ka, ebang se a mamela kapa ha se mamele, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.
Le a tseba kamoo ke sa kang ka le patela letho le molemo kateng, ha ke ntse ke bolela, mme ke ruta kapele ho setjhaba le malapeng a lona,
Bana beso, takatso ya pelo ya ka, le thapelo eo ke ba rapellang ka yona ho Modimo, ke hore ba pholoswe.
Ha e le nna ho ke ke ha etsahala hore ke sitelwe Morena ka ho phetsa ho le rapella. Ke tla le ruta se molemo le se lokileng.