Ishemaele a bolaya le Bajuda bohle ba neng ba ena le Gedaleya motseng wa Misepa, hammoho le bahlabani ba Bakalatiya ba neng ba le moo.
Jeremia 41:4 - BIBELE Hoba ho fete letsatsi Gedaleya a bolailwe, ho eso be le motho ya ka tsebang tsa polao eo, Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi la bobedi, ha Gedalia a setse a shwele, ho ntse ho sa tsebe motho, |
Ishemaele a bolaya le Bajuda bohle ba neng ba ena le Gedaleya motseng wa Misepa, hammoho le bahlabani ba Bakalatiya ba neng ba le moo.
banna ba mashome a robedi, ba beotseng ditedu, ba hahotseng diaparo tsa bona, ba iphatsitseng, ba fihla ba etswa Shekeme, le Shilo, le Samaria, ba tliseditse Tempele ya Morena dinyehelo tsa dijo le mokubetso.
Davida o ne a sa ke be a tle Gate le monna kapa mosadi ya ntseng a phela, hobane o ne a ye a re: “Ba ka tshoha ba bolela hore Davida o entse tjena le tjena.” Ena ya eba tlwaelo ya hae ka nako yohle ha a ntse a phela naheng ya Bafilesita.