Morena wa mabotho, yena ya ileng a o etsa, o se a o lokiseditse koduwa, hobane ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba entse bobe ka ho tjhesetsa Baale mokubetso, mme ba mphephetsa hore ke halefe.
Jeremia 40:2 - BIBELE Molaodi wa balebedi ba kgosi a re ho Jeremia: “Morena Modimo wa hao, ke yena ya ileng a rerela sebaka sena koduwa ena. Sesotho 1909/1961 (SO) Molaodi wa balebedi a nka Jeremia, a mmolella, a re: Jehova, Modimo wa hao, o ne o boletse bobe boo hodima nqalo eno. |
Morena wa mabotho, yena ya ileng a o etsa, o se a o lokiseditse koduwa, hobane ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba entse bobe ka ho tjhesetsa Baale mokubetso, mme ba mphephetsa hore ke halefe.
Bohle ba se fumanang ba itjella sona, dira tsa sona tsa re: ‘Rona ha re na molato, hoba se sitetswe Morena, e leng kgulo la sona la sebele, Morena, yena tshepo ya bo-ntata sona.’
“Empa haeba o sa mamele lentswe la Morena Modimo wa hao, o sa hlokomele ho phetha melao yohle ya hae, le ditaelo tsohle tsa hae, tseo ke o laelang tsona kajeno, dithahako tsena tsohle di tla ba hodima hao, di o kgomarele.
Mohlang hoo ho etsahalang, ke tla se halefela haholo, ke se furalle, ke se patele sefahleho sa ka. Se tla timela, se hlahelwe ke bomadimabe bo tshabebang le ditsietsi tse ngata. Mohlang oo se tla re: ‘Na hase hobane Modimo wa rona a le siyo kahara rona, ha e le moo re hlahelwa ke bomadimabe boo?’