Ka selemo sa mashome a mararo a metso e tsheletseng sa puso ya Asa, Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang naheng ya Asa, kgosi ya Juda.
Jeremia 40:1 - BIBELE Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho Jeremia, hoba Nebusaradane, mookamedi wa balebedi ba kgosi, a mo lokolle motseng wa Rama. O ne a ile a fumana Jeremia a tlanngwe ka mahlaahlela, a le hara bathopuwa bohle ba neng ba etswa Jerusalema le Juda, ba iswa bothopuweng, Babilona. Sesotho 1909/1961 (SO) Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, hobane Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a mo kgutlisa Rama, kamoo a neng a ile le yena kateng, a mo tlamile ka mahlaahlela, a le hara ba tshwerweng kaofela ba Jerusalema le ba Juda ba iswang kgolehong Babilona. |
Ka selemo sa mashome a mararo a metso e tsheletseng sa puso ya Asa, Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang naheng ya Asa, kgosi ya Juda.
Modimo ke ntata dikgutsana, ke mosireletsi wa bahlolohadi, o leahong la hae le halalelang.
Morena o bua tjena: “Mohoo o utlwahetse Rama, seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, Ragele o hana ho tshediseha, hobane bana ba hae ha ba sa le yo.”
Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa batho ba neng ba setse motseng, a ba isa Babilona hammoho le ba neng ba ile ba ineela ho yena, le masalla wohle a setjhaba.
Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya leshome selemong sa leshome le metso e mmedi sa ho thopuwa ha rona, motho e mong ya neng a ile a phonyoha Jerusalema a fihla ho nna, a re: “Motse o hapilwe!”
Empa Paulosi a araba, a re: “Le etsang ha le lla tjee, le utlwisa pelo ya ka bohloko? Nna ha ke a itokisetsa ho tlangwa feela, empa le hona ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.”
Ka baka lena he, ke le bitsitse ho le bona le ho buisana le lona, hobane ke ka baka la tshepo ya Iseraele ke tlamilweng ka mahlaahlela ana.”
Leha ke le ditlamong, ke ntse ke le leqosa la wona. Nthapelleng hore ke tle ke bue ka molaetsa ona ka sebete, jwalokaha ke tlamehile.
O ne a ye a kgutlele Rama, hobane ke moo a neng a ahile teng, mme a ahlolele Baiseraele hona teng. Hona moo a hahela Morena aletare.