Jeremia 39:11 - BIBELE Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a fana ka taelo malebana le Jeremia, a re ho Nebusaradane, molaodi wa balebedi: Sesotho 1909/1961 (SO) Nebukadresare, morena wa Babilona, a laela Nebusaradane, molaodi wa balebedi, bakeng sa Jeremia, a re: |
Yaba Morena o re: “Ruri wena ke tla o matlafatsa haholo, ruri dira tsa hao di tla be di o rapele, di o rapele nakong ya mahlonoko, di o rapele le nakong ya ditsietsi.
Ke tla o etsa lerako le haheleditsweng la lethose, tjhaba sena o tlo tsebe ho se hlola. Se tla o lwantsha, empa se ke ke be sa o hlola, hoba ke na le wena ho o pholosa le ho o lopolla,” ho rialo Morena.
Empa Sedekiya le bahlanka ba hae, le baahi ba naha eo, ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena, ao a a buileng ka molomo wa moporofeta Jeremia.
Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho Jeremia, hoba Nebusaradane, mookamedi wa balebedi ba kgosi, a mo lokolle motseng wa Rama. O ne a ile a fumana Jeremia a tlanngwe ka mahlaahlela, a le hara bathopuwa bohle ba neng ba etswa Jerusalema le Juda, ba iswa bothopuweng, Babilona.
Empa bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a neng a le matsohong a hao. Haeba o bona ho lokela hore o ye le nna Babilona, a re ye, mme ke tla o hlokomela haholo. Empa haeba o bona ho sa lokele ho ya le nna Babilona, le teng o ka itulela. Bona mona, o ka ikela hohle moo o ratang ho ya teng naheng ena eo o leng ho yona.”
Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bohlano, e leng ka selemo sa leshome le metso e robong sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, e leng mohlanka wa kgosi ya Babilona, a tla Jerusalema.
A laela molaodi wa ba lekgolo hore a dise Paulosi, feela a be le bolokolohi bo itseng, mme a se thibele motho ofe kapa ofe wa ba habo ho mo thusa.