Morena a re ho Ahiya: “Hela, mosadi wa Jeroboame o a tla. Mora wa hae o a kula, mme o tlilo disetsa. O tle o bue tjena le tjena ho yena, hobane o tla fihla ho wena a ikgakantse, eka ke mosadi e mong.”
Jeremia 32:7 - BIBELE ‘Bona, Hanamele, mora wa rangwanao Shalome, o tla fihla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anatote, hobane o na le tokelo ya ho ithekela yona.’ Sesotho 1909/1961 (SO) Bona, Hanameele, mora Shallume, ngwanabo ntatao, o ya tla ho wena, a re: Ithekele tshimo ya ka e Anathothe, hobane ke wena ya nang le tokelo ya topollo ho e reka. |
Morena a re ho Ahiya: “Hela, mosadi wa Jeroboame o a tla. Mora wa hae o a kula, mme o tlilo disetsa. O tle o bue tjena le tjena ho yena, hobane o tla fihla ho wena a ikgakantse, eka ke mosadi e mong.”
Tsena ke dipolelo tsa Jeremia, mora wa Hilekiya, e mong wa baprista ba motse wa Anatote, o naheng ya Benjamine:
Ka baka lena, Morena o bua ka banna ba Anatote ba batlang ho o bolaya, ba reng: “O se ke wa porofeta ka lebitso la Morena, re tle re se ke ra o bolaya.”
“Yaba Hanamele, mora wa rangwane, o fihla ho nna ka lebaleng la tjhankana, ho ya ka polelo ya Morena, o re ho nna: ‘Ako reke tshimo ya ka e Anatote, naheng ya Benjamine hle, hobane o na le tokelo ya bojalefa le ya ho lopolla. Ithekele yona.’ “Yaba ke a tseba, he, hore lena ke lona lentswe la Morena.
Naheng yohle eo e leng lefa la lona, le tla dumella hore naha e rekilweng e boelane le monga yona ka ho buseletsa ya e rekileng.
“ ‘Ha ngwaneno a futsaneha, mme a rekisa karolo ya lefa la hae, wa habo, ya tswalanang le yena, o tla lopolla seo ngwanabo a se rekisitseng.
Empa makgulo a mathokong a metse ya bona a ke ke a rekiswa, hobane ke lefa la bona la mehla yohle.’ ”
Rangwanae, kapa mora wa rangwanae, kapa e mong ya tswalanang le yena, a ka mo lopolla; kapa haeba a ena le matla a ka itopolla.
“Laela bana ba Iseraele hore lefeng la bona ba abele Balevi metse eo ba tla phela ho yona; le makgulo a potapotileng metse eo o a abele Balevi.