Mohlang oo, setjhaba se ahileng lebopong lena, se tla re: ‘Bonang se hlahetseng bao re neng re ba tshepile, bao re bileng ra phallela ho bona ho ya kopa thuso, hore re namolelwe matsohong a kgosi ya Asiria! Jwale rona re ka phonyoha jwang?’ ”
Jeremia 30:1 - BIBELE Lena ke lentswe la Morena le ileng la tla ho Jeremia, le re: Sesotho 1909/1961 (SO) Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, la re: |
Mohlang oo, setjhaba se ahileng lebopong lena, se tla re: ‘Bonang se hlahetseng bao re neng re ba tshepile, bao re bileng ra phallela ho bona ho ya kopa thuso, hore re namolelwe matsohong a kgosi ya Asiria! Jwale rona re ka phonyoha jwang?’ ”
Feela le tsebe hore haeba le ka fela la mpolaya, lona, le baahi ba motse ona, le tla ba molato wa ho tsholla madi a se nang molato, hobane ruri Morena o nthomme ho lona, hore ke tlo bua mantswe ana wohle moo le ntseng le utlwa.”
ka baka leo, Morena o re: Bonang, ke tla otla Shemaya ya tswang Nehelame le ditloholo tsa hae. Ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla sala; le yena Shemaya ha a ka ke a bona tse molemo, tseo ke tla di etsetsa setjhaba sa ka, hobane o rutile setjhaba sa ka ho mphetohela,’ ” ho rialo Morena.
“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ngola mantswe wohle ao ke o boleletseng wona bukeng.’