Jakobo a phela naheng ya Egepeta dilemo tse leshome le metso e supileng; kahoo Jakobo a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mane a metso e supileng.
Jeremia 28:3 - BIBELE Ho eso fete dilemo tse pedi, thepa yohle ya Tempele ya Morena, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e nke mona, a e isa Babilona, ke tla e kgutlisetsa hape sebakeng sena. Sesotho 1909/1961 (SO) Dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe, ke tla busetsa nqalong ena mafiso kaofela a ntlo ya Jehova, ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a a nkileng nqalong ena, mme a ile le wona Babilona. |
Jakobo a phela naheng ya Egepeta dilemo tse leshome le metso e supileng; kahoo Jakobo a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mane a metso e supileng.
Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.”
Jwalokaha Morena a ne a ile a bolela, Nebukadenesare a hahara matlotlo wohle a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A pshatla dintho tsohle tsa kgauta, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di etseditse Tempele ya Morena.
Ha selemo se thwasa, kgosi Nebukadenesare a mo romela maqosa, a mo isa Babilona le thepa ya bohlokwa ya Tempele ya Morena, mme a bea Sedekia, ngwanabo, hore e be kgosi ya Juda le Jerusalema.
Nebukadenesare a nka le thepa ya Tempele ya Morena, a e bea ka tempeleng ya hae Babilona.
Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile.
Morena a neelana ka Jehoyakime, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare; a ba a neelana le ka thepa e nngwe ya Tempele ya Modimo. Thepa eo Nebukadenesare o ile a e isa naheng ya Babilona, a e bea ka tempeleng ya modimo wa hae, ka tlung ya polokelo ya matlotlo a modimo wa hae.